sesotho

Oct. 24, 2022

KA ATANG THELINGOANE, LMPS REPORT

5 min read

Mosali o qhekanyetsoa M10,000 ka ho ba ‘toloko’

Mosali o qhekanyetsoa M10,000 ka ho ba ‘toloko’

Sub Inspector Pholoana Kikine

Story highlights

    Sepolesa se hlokomelisa sechaba ka bonokoane bo jeleng setsi ba banna ba khothotsang batho chelete ka ho ba bolella leshano.
    Mosali e mong ea khotholitsoeng o tlalehoa a ile a fumana mohala oa motho oa monna ea neng a utloahala a tseba mosali enoa; a bile a tseba hore na ke letsoalloa la hokae, ‘me a nyaloa hokae.

Metro Audio Articles

Catch our weekly audio news daily only on Metro Radio Podcast News.

listen now

Sepolesa sa Lesotho se tlalehile hore mosali oa Mosotho ea sa leng mocha lilemong, o falalitsoe M10,000 kamor’a ho ekoa ka ho tšepisoa ho ba ‘toloko’ le ho rekisoa phofshoana ea lefofo ea lipere tsa reisisi.

Ho ea ka motlatsi oa mookameli ofising ea Thibelo ea Boqhekanyetsi ba Lichelete (Financial Crime Counter Unit) ntlokholo ea sepolesa Maseru, Sub Inspector Pholoana Kikine, sechaba se lokela ho hlokomela boqhekanyetsi le bomenemene tse ntseng li ja setsi matsatsing ana.

Sub Inspector Kikine o itse ho kene litlaleho ofising ea habo moo ho nang le seboko sa phohomela ka boqhekanyetsi bo etsetsoang karolo e ‘ngoe ea sechaba. O itse matsatsing ana, mosali oa Mosotho, 33, ea lulang Khubetsoana, Maseru, o ile a eloa ka liphalana ke bakhosheli ba banna ba nto ikela ka matsebetsebe a M10,000, lehoja ba ne ba batlile M20,000, ea mpa ea eba hore mosali ha na eona.

O itse qaleho ea taba ke hore mosali o ile la fumana mohala oa motho oa monna ea neng a utloahala a mo tseba; a bile a tseba hore ke letsoalloa la hokae, ‘me a nyaloa hokae. O itse mong’a mohala ona o ne a hloka thuso ea mosali enoa hore a mpe a mo thuse ka ho thusa monna e mong, eo eena mokopi a tla mo kopanya le mosali enoa, kaha monna eo a sa tsebe senyesemane joale a lokela ho tla kopana le makhooa ho tla buisana le ‘ona ka litaba tsa khoebo ea ho lema matekoane le ho tla tekena tumellano ea mokhoa oa tšebetso; e leng hore mosali o ne a kupuoa ho ba toloko.

Tlhaloso e tsoetsepele hore ba ile ba fela ba kopanela Maseru, ka setopong sa libese. Ho utloahala ha mosali a ne a tsamaea ka koloi ea hae, ‘me monna eo (oa mohlophisi oa kopano ena ea khoebo) o ile a kopa ho kena koloing ka le reng, eo mphat’oae ea kopang thuso, o sebakeng se seng haufi le Pioneer Mall. O itse ba ile ba fela ba leba teng.

Sub Inspector Kikine o itse ha ba le moo, ke ha mohala o kena ho monna enoa oa mohlophisi o reng ba kopane haufinyane le Maseru Club. O itse ba fetse ba ile moo, ’me ha ba fihla ba fumana monna e mong moo a eme a le mong. Tlaleho e tsoelapele hore mosali o ile a makala ha ba fihla moo a utloa monna eo a ntseng a tsamaea le eena, a halefela eo motsoalle oa hae ka le reng o hloloa ho boloka nako kaha makhooa le liakhente li boloka nako, joale eena o liehile ‘me ekanna eaba bao ba se ba bile ba tsamaile; empa leha holejoalo o ile a re ba eme hanyane mohlomong ba tla khutla.

Sub Insp. Kikine o itse ba ile ba fela ba ema nakoana. O itse ka nako e sa feliseng pelo ba eme, monna ea tlo thusoa ho tolokelloa sekhooa, o ile a hlahisa phofshoana e tšetsoeng kahar’a polasetiki, a bontša ‘mphat’oae a bile a hlalosa bohlokoa ba eona ka le reng e fuoa lipere tsa reisisi, ‘me e li fa matla. O itse eo monga phofshoana o ile a hlalosa hore o rata ho kena khoebong eo ea reisisi hobane e chelete e ngata, ‘me haeba mosali a ka khahloa, a ka mo khoaela ka lehafing, ‘me ba etsa chelete e ngata!

Enjoy our daily newsletter from today

Access exclusive newsletters, along with previews of new media releases.

Mosali o qhekanyetsoa M10,000 ka ho ba ‘toloko’

Ena ke phofshoana ea mokunyata eo balotsana ba reng e ntle haholo lipereng tsa reisisi

Tlaleho e tsoetsepele hore monna ea neng a tsamaea le mosali o ile a utloahala a khahluoe, ‘me le mosali a khahloa ke khoebo ena. Monna enoa oa mohlophisi o ile a botsa na ba ka e fumana kae, ke moo monga phofshoana a ileng a re e fumaneha ho morekisi oa eona ea ka fumanehang haufi le Maseru Mall, ‘me kilograma ea eona ke M20,000. Ke moo monna enoa oa mohlophisi hang a ileng a kopa mosali ho ba isa Maseru Mall ka koloi, ‘me a ba mo fa M1,500 e le ea mafura.

Tlaleho e re ha ba fihla Maseru Mall, ba fetse ba fumana ‘morekisi oa phofshoana’ ea ileng a re ba lefe likete tse mashome a mabeli (M20,000) a tsebe ho ba fa phofshoana.

Monna enoa o ile a re ha ana chelete e kaalo matsohong, ’me a kopa monna oa mohlophisi hore a mo thuse kaha chelete eona e teng leha e se matsohong, o tla mo lefa eona hamorao. Eo le ena o ile a re ha ana eona. Ke moo monna enoa (ea ‘montšitseng phofshoana) a ileng a kopa mosali ho mo thusa, o tla mo khutlisetsa chelete ea hae kaha ke moo ba se ba tla sebetsa ‘moho ka khoebo ea lipere.

Tlaleho e re mosali o ile la letsetsa e mong oa baamani le eena ho kopa hore eo a mo thuse ka M20,000 o tla mo lefa, empa eo a re ha ana eona, empa a ka tseba ho ba le M10,000 feela, ‘me a fela a re a mo thuse ka eona. Mosali o ile a fela a fumana chelete ena a nto fana ka eona ho monna enoa eo ba seng ba tlilo kena khoebong ‘mmoho. Empa morekisi oa phofshoana o ile a re a keke a lokolla phofshoana ka chelete e sa fellang. Ba ile ba ema moo ba sa tsebe na ba fumana chelete e ‘ngoe hokae.

Kamor’a nakoana, mohala oa monna ea alimileng chelete o ile oa kena, ‘me eo a bolela hore mohala oo o mo tlalehela hore makhooa a se a le teng ho e ‘ngoe ea lihotele kahar’a Maseru ‘me a bile a se a tatile. Ke moo monna ea alimileng chelete ho mosali a ileng a re lehlatsipa le tsamae ho ea etsa litumellano le makhooa hobane a keke a siea morekisi oa phofshoana le chelete e sa fellang kaha o tloha a ba nyamella. Mosali o ile a tsamaea, ‘me a ema kahar’a jarete ea hotele moo a neng a laetsoe ho ea teng.

Tlaleho e re mosali o ile a ema moo nako e telele hoo a bileng a felloa ke mamello; ho se makhooa a fihlang ho eena. Khabareng mosali o ile a letsetsa monna eo e saleng a letsetsana le eena oa mohlophisi empa mohala oa hae eaba ha o sa fumaneha. A letsetsa le monna eo ba lokelang ho kena khoebong le eena; ka tsela e tšoanang, le eena eaba mohala ha o sa fumaneha; eaba ke hona a elelloang hore o etsoe ka liphalana.

Sub Insp. Kikine o ipilelitse ho sechaba ho se kene kahar’a lintho tseo motho a sa li utloisiseng, a bile a sa tsebe le batho bao a buang kapa ho kopana le bona. O itse mosali enoa o tsamaile nako e telele le batho bao a sa ba tsebeng, ‘me taba ena e bile e beha bophelo ba motho kotsing e tšabehang. O eletsa sechaba ho hlokomela mehala e sa hlakang ebile e sa tsebahale.

Share the story

METRO WEATHER FORECAST

Tailored for you

NEW COALITION GOVT  PROMISES ECONOMIC FREEDOM

ISSUE: 2222

NEW COALITION GOVT PROMISES ECONOMIC FREEDOM

Published: Oct,12