sesotho

Sept. 16, 2022

KA NKOATE THAMAE

4 min read

Na Marena a re: “Muruo!”? Che

Na Marena a re: “Muruo!”? Che

Morena oa Sehlooho oa Thaba-Bosiu, Morena Khoabane Letsie Theko, ea reneketsoang feela ka hore ke Morena oa Thaba

Story highlights

    Sepheo sa Tlhopho-bocha e ne e le hore sechaba se kenye letsoho litabeng tse reretsoeng ho felisa likhohlano le meferefere lipolotiking tsa Lesotho.
    Litlaleho tsa ‘bo-bare’ li supa ha Marena a Sehlooho a tsoile let’solo ho thaothela Lets’olo la Ntlafatso ea Moruo, e leng Thalaboliba (Revolution for Prosperity -RFP).

Metro Audio Articles

Catch our weekly audio news daily only on Metro Radio Podcast News.

listen now

Marena a Lesotho a ntse a bolella sechaba kamoo a soabileng le ho makala kamoo mekha ea lipolotiki e paramenteng kajeno e sebelitseng litaba tsa Basotho tsa tlhopho-bocha ka bosoele le bohlasoa ka teng.

Kamor’a hore marena a t’soarele sechaba pitso Rothe, ka leboea ho setereke sa Maseru, ho utloahetse mororo le poboli bophatlalatsing ba mararang moo litho tsa mekha e pusong li qosang marena ka ho thaothela le ho khothaletsa sechaba ho ketha Letsolo la Thalaboliba ea Ntlafatso (Revolution for Prosperity – RFP).

Leha holejoalo, marena a tjebetse taba ena matjoing ka le reng bona ba mpa ba hlaha sechaba leseling feela ka moo mekha e busang e fetohetseng maikutlo a sechaba ka teng. Maikutlo ana a sechaba ke a thathamisitsoeng ka hare ho tokomane ea Tlhopho-bocha kamor’a hore ho bokelloe maikutlo a sechaba.

Litlaleho tse ileng tsa ipetsa pejana marangrang li ile tsa bonts’a hore Marena a Sehlooho a ne a ts’oere pitso ea sechaba Rothe, moo ba neng ba khothaletsa sechaba ho khetha Lets’olo la Ntlafatso ea Moruo (RFP) hobane mekha e pusong e ba phoqile kaho hloleha ho fetisa molao oa Tlhopho-bocha.

Ha a fana ka lehlakore la hae Morena oa Sehlooho oa Thaba-Bosiu, Khobane Letsie Theko, o hlalositse ha litaba tse tlalehiloeng ka Marena a Sehlooho e le mafosisa a senang motheo.

Leha holejoalo, Morena oa Thaba kamoo a reneketsoang ka teng, o netefalitse le ho tiisa hore e le marena a sehlooho ba ile ba ts’oara pitso lebatooeng la Rothe moo ba neng ba hlaba sechaba malotsana mabapi le Maparente ao a itseng a sebelitse Tlhopho-bocha ka bolotsana. Morena Khoabane o phahelletse ka hore leha mekha ea lipolotiki e pusong e eme ka maoto e batla menoana ea sechaba hape likhethong tse akaretsang tse tlang ka la 7 Pulungoana monongoaha, sechaba se lokela ho tseba hore ba hlotsoe ke mosebetsi oa ho fetisa sets’oants’o sa molao oa Tlhopho-bocha.

“E hlile re joetsitse sechaba ka mofuta oa bapolotiki oo re nang le oona, e bile ke hona re tlang ho nts’etsa morero ona pele,” a rialo Morena oa Thaba a nt’o phethela kahore ke hona ba tlang ho potoloha le litereke tse fapakaneng ka sepheo sa ho fahlolla sechaba ka mofuta oa Maparamente a sa sebetsang litaba tsa Tlhopho-bocha ka boithukhubetso leka ponaletso.

Enjoy our daily newsletter from today

Access exclusive newsletters, along with previews of new media releases.

Mekha e busang, pusong ea kopanelo e etelletsong pele ke Kobo-Tata ea Basotho (All Basotho Convention –ABC), a kenyeletsa Democratic Congress (DC), Basotho National Party (BNP), Movement for Economic Change (MEC), Popular Front for Democracy (PFD) har’a a mang.

Ka selemo sa 2014 sechaba sa Basotho se bile lentsoe-leng ka mafapha a fapakaneng a boetapele ba sona lipolotiking le mekhahlelong e meng hore ho hlokahala thlopho-bocha ea tsamaiso ea litaba tsa naha, e le ho hlobolisa ba matleng a puso menyetla ea ho sebelisa lits’iea tsa bosebeletsi ba sechaba molemong oa boikhabi le litakatso tsa maquloana, leho sireletsa ba sa khemeng le bona.

Sepheo sa Tlhopho-bocha e ne e le hore sechaba se kenye letsoho litabeng tse reretsoeng ho felisa likhohlano le meferefere ea lipolotiki tse aparetseng naha ea Lesotho ho tloha e fumane boipuso ka selemo sa 1966.

Har’a lits’oants’o tsa melao e khothalelitsoeng ke Lekhotla la Tlhopho-bocha (National Reforms Authority - NRA) li kenyelletsa set’soantso sa molao se akaratsang (Omnibus Bill) seo e leng mokokotlo oa Thlopho-bocha hammoho le sehlomathiso sa molao oa likhetho tseo paramente ea 10 e hlotsoeng ho li fetisa nakong ea lilemo tse hlano.

Tona-kholo ea Lesotho Dr. Moeketsi Majoro o ile a phatlalatsa qomatsi ka sepheo sa hore Paremente e fuoe monyetla oa ho fetisa molao oa Tlhopho-bocha kamorao hore Motlotlohi Letsie III a qhale paramente ea 10 khoeling e fetileng boitukisetsong ba likhetho tse akaretseng tse tla ts’oaroa ka la 7 Mphalane monongoaha.

Empa lekhotla la maipiletso le qhalile hlenhlenyane ea ho bitsa paramente ka mokhoa oa qomatsi ho tla fetisa lihlomathiso tseo tse ileng tsa hloloa ho fetisoa ka nako ea lilemo tse hlano. Sena se tlile kamorao hore monna oa moqolotsi oa litaba, Kananelo Boloetse le Akhente Lintle Tuke, ba kenye nyeoe e potlakileng ho qosa Motlotlehi Letsie III le Tona-kholo, le Akhente e kholo ea ‘muso lekhotleng la molao oa motheo ho hanyetsa qeto ea hore paramente ea bo 10 e feletsoeng ke nako ka molao e boele e bitsoe hape ho tla fetisa melao ea Tlhopho-bocha ka molao oa qomatsi.

Ke nyeoeng ena moo Moahloli e Moholo oa lekhotla le phahameng la Lesotho monghali Sakoane Sakoane a bonts’itseng hore phatlalatso ea qomatsi e entsoeng ke Tonakholo Majoro e lahleloe matjoing kaha e hohlana le temana ea 23(1) ea molao oa motheo.

Moahloli Sakoane a re Motlotlehi Letsie III o ile a eletsoa hampe ho sebelisa matla a ho bitsa paramente e qhaliloeng ho fetisa melao ea Tlhopho-bocha le ea likhetho tlasa boemo ba qomatsi, e leng seo a itseng hase ntho e amohelehang mahlong a molao. A eketsa ka hore Paramente e qhaliloeng ka molao ha ena matla a ho ts’ohla leho fetisa melao.

Share the story

METRO WEATHER FORECAST

Tailored for you

NEW COALITION GOVT  PROMISES ECONOMIC FREEDOM

ISSUE: 2222

NEW COALITION GOVT PROMISES ECONOMIC FREEDOM

Published: Oct,12