sesotho

Sept. 13, 2022

KA NKOATE THAMAE

3 min read

‘Muso o ipiletsa khahlanong le kahlolo ea molao oa motheo

‘Muso o ipiletsa khahlanong le kahlolo ea molao oa motheo

Moahloli e moholo oa Lesotho Sakoane Sakoane o re ‘muso o fositse ka ho bitsa paramante ka qomatsi

Story highlights

    ‘Muso o ne o ile oa bitsa paramante e feletsoeng ke nako ka molao oa qomatsi ho tla phethela melao e setseng, ho kenyeletsa le sehlomathiso sa moalo oa motheo.
    Lekhotla le phahameng le ahlotse hore molao oo oa qomatsi o nkoe o sa phele mme sohle se entsoeng tlas’a oona se fololitse.

Metro Audio Articles

Catch our weekly audio news daily only on Metro Radio Podcast News.

listen now

‘Muso oa Lesotho o nkile boipiletso khahlanong le kahlolo ea lekhotla le phahameng ea hore ho buloa hoa paramente e feletsoeng ke nako tlasa molao oa qomatsi ha e molaong, ‘me tsohle tse entsoeng tlasa oona li nkoe li fololitse.

Leha holejoalo, Akhente Monaheng Rasekoai, lebitsong la ‘muso oa Lesotho le Ramolao e moholo, o titimetse lekhotleng la maipiletso ka Labobeli ho phephetsa kahlolo ena e phatlalalitseng hore pulo-bocha ea paramente e ka thoko ho molao le tsohle tse entsoeng ho eona.

Kahlolo ea Lekhotla le phahameng la Lesotho e oele ka la 12 Loetse 2022, ‘me e bolela hore melao e amanang le tlhopho-bocha molaong oa motheo, molaong oa likhetho le oa paramente har’a e meng, e fetisitsoeng ke paramante e betsitsoeng ka molao oa qomatsi, li fololitse kaofela.

Moahloli e moholo oa Lesotho, a tlatsitsoe ke baahloli Ts’eliso Monaphathi le ‘Mafelile Ralebese, ba re Motlotlehi Letsie III o ile a eletsoa hampe hore a bitse paramente e feletsoeng ke nako ea bo 11 ho latela phatlalatso ea qomatsi ea Tona-kholo Dr. Moeketsi Majoro. Tonakholo Majoro o ile a etsa phatlalatso ea qomatsi khoeling e fetileng moo a ileng a bonts’a hore naha ea Lesotho e tlokotsing ea hose fetise molao oa tlhopho-bocha oo e leng mokokotlo oa ho hlopha Lesotho bocha hammoho le sehlomathiso sa molao oa likhetho.

‘Muso oa Lesotho o tlalehoa o le tlasa khatello ea ho fetisa lits’oants’o tsa melao e boletsoeng ka tlasa ts’usumetso ea linaha tsa Southern African Development Community (SADC) le bafani ba thusang naha ea Lesotho ka lichelete ho etsa liphethoho tse reretsoeng ho tlisa khotso le botsitso nalaneng ea lipolotiki tsa Lesotho.

‘Muso o ipiletsa khahlanong le kahlolo ea molao oa motheo

Akhente Lintle Tuke o re 'muso o se lumelloe ho tlola molao

Enjoy our daily newsletter from today

Access exclusive newsletters, along with previews of new media releases.

‘Muso o ipiletsa khahlanong le kahlolo ea molao oa motheo

Moqolotsi oa litaba Kananelo Boloetse o re maemo a Lesotho ha hloke hore ebe ho phatlalalitsoe qomatsi

Ke ka phatlalatso ena ea qomatsi moo monna oa moqolotsi Kananelo Boloetse le Akhente Lintle Tuke ba ileng ba kenya nyeoe e potlakileng ho qosa Motlotlehi Letsie III le Tona-kholo Majoro, Akhente e kholo ea ‘muso le lekhotla la molao oa motheo, ho hanyetsa qeto ea hore paramente ea bo 11 e bitsoe hape ho tla fetisa melao kamor’a hore e qhaloe ho ea itukisetsa likhetho tse akaretsang tse tla ts’oaroa ka la 7 Mphalane monongoaha.

Thapelo ea balli kapele ho lekhotla e ne e le hore phatlalatso ea qomatsi ea Tonakholo Majoro e tjebeloe matjoing kaha paramente ea bo 11 e ile ea qhaloa ka molao; hape le hore lekhotla le nke melao e fetisitsoeng ke paramente ea botsoareli e sena motheo kaha e sa amane le boemo ba qomatsi.

Balli ba boetse ba supa hore qomatsi e ka bitsoa boemong boo sechaba se kabang tlokotsing ka lintho tse ka tsitsinyang metheo ea puso e seng kaho hloleha hoa paramente ho fetisa melao ka lebaka la boithepetliso ba ho etsa mesebetsi ea bona ka nako.

Ha liha kahlolo, Moahloli e moholo Sakoane Sakoane o bonts’itse hore phatlalatso ea qomatsi e entsoeng ke Tonakholo Majoro e lahleloa matjoing kaha e hohlana le temana ea 23(1) ea molao oa motheo.

Moahloli Sakoane a tsoelapele hore Motlotlehi Letsie III ha ana matla a ho bitsa paramente e qhaliloeng ho fetisa melao ea tlhopho-bocha le ea likhetho kaha hoo hase ntho e amohelehang mahlong a molao. A eketsa ka hore paramente e qhaliloeng ha ena matla a ho ts’ohla leho fetisa melao.

Moahloli e moholo o boetse a supa hore baqosuoa ba lokela ho patala lits’enyehelo tsohle tsa nyeoe.

Moahloli Sakoane o bonts’itse hore ho buloa hoa paramente ho nkoe e le ntho e sa etsahalang hobane e etsahetse ka thoko ho molao.

Ho ea ka kahlolo ena, likhothaletso tsa Basotho tse neng li hlophiloe ke lekhotla la tlhopho-bocha (NRA), tse kenyelletsang sehlomathiso sa 11 sa molao oa motheo le sets’oats’o sa molao oa likhetho, hali tlo tsoela naha ea Lesotho molemo.

Baqusuoa ba ne ba emetsoe ke Akhente Monaheng Rasekoai ha balli ba ne ba emetsoe ke Akhente Lintle Tuke.

Share the story

METRO WEATHER FORECAST

Tailored for you

NEW COALITION GOVT  PROMISES ECONOMIC FREEDOM

ISSUE: 2222

NEW COALITION GOVT PROMISES ECONOMIC FREEDOM

Published: Oct,12