sesotho

Dec. 10, 2020

KA BAQOLOTSI BA RONA

4 min read

Bo-Metsing ba phephetsa matla a mochochisi e moholo

Bo-Metsing ba phephetsa matla a mochochisi e moholo

Benghali Mothetjoa Metsing le Selibe Mochoboroane

Story highlights

    Baetapele bana ba hlahelletseng ka mahetla lipolotiking tsa Lesotho, ba tjametsoe ke linyeoe tsa bohlohleletsi.
    Taba ena ea liqoso tsa ‘mommori oa ho liea ‘muso ea benghali bana e bakile lerata le leholo kantle le kahare ho naha ea Lesotho.

Metro Audio Articles

Catch our weekly audio news daily only on Metro Radio Podcast News.

listen now

Benghali Mothetjoa Metsing le Selibe Mochoboroane ba phephelitse matla a mochochisi e moholo oa ‘muso lekhotleng le phahameng la molao malebana le liqoso tse ba tobileng tsa ‘mommori oa teko ea ho liea ‘mmuso.

Khang ea bona ke hore hoa fosahala hore mochochisi e moholo a kenyeletse mabitso a bona linyeoeng tse seng li ntse li buuoa ka makhotleng ebile ho se ho le sebaka li tsoelapele.

Baetapele bana ba hlahelletseng ka mahetla lipolotiking tsa Lesotho, ba tjametsoe ke linyeoe tsa bohlohleletsi le ho kena ‘mommoring oa ho leka ho liea ‘muso oa tona-kholo ea mehleng mongahali Motsoahae Thabane ka khoeli ea Phato selemong sa 2014.

Ka nako eo, Monghali Metsing e ne ele moetapele oa Lekhotla la puso ea Sechaba ka Sechaba (LCD) ha Monghali Mochoboroane e ne ele setho sa lekhotla leo ebile ele letona la liphatlalatso ‘musong oo. Ka nako eno LCD ene e kopanetse ‘muso le lekhotla le busang la Kobotata ea Basotho (ABC) pusong e ileng ea tuma ka hore ke ea ‘Letsema’.

Monghali Metsing e ntse e le moetapele oa LCD le kajeno ‘me o ka bohanyetsing ha Monghali Mochoboroane kajeno e se ele moetapele oa Lekhotla la Sethala sa Moruo (MEC) ebile ele letona la tsa meralo ‘musong oa kajeno oa kopanelo.

‘Muso oa kajeno oa kopanelo ke oa mekha e robong kaofela empa e ka sehlohong ke ABC le Lekhotla la Puso ea Sechaba (DC) e etelletsoeng pele ke Monghali Mathibeli Mokhothu e le motlatsi oa tona-kholo ha Monghali Moeketsi Majoro oa ABC e le tona-kholo.

Nakong eo a lahlang malepe ka la 10 Tšitoe ‘muelli oa benghali bana, Akhente Motiea Teele o itse: “Mona mochochisi e moholo ha sebetsa litaba ka nepo ho latela molao h’a leka ho kenyeletsa baqosuoa bana ba babeli nyeoeng eo e leng khale e tsoelapele ka khotla. Taba ke hore ho se ho bile ho ena le litaba tse ngatanyana tse etsahetseng nyeoeng ena ka makhotleng nakong ea lingangisano. Ka ho leka ho kenyeletsa bobeli bona mochochisi ha thuse lekhotla ka letho.”

Akhente Teele o re hantle mochochisi o lokela ho atamela taba ena a se na leeme. A re molao oa tsamaiso ea linyeoe tsa litlolo tsa molao le bopaki (Criminal Procedure and Evidence Act) ha o fane ka monyetla oa ho eketsa liqoso moo nyeoe eleng khale e khakhatha ka khotla, ‘me ho etsa joalo ke ho loba tsamaiso.

Enjoy our daily newsletter from today

Access exclusive newsletters, along with previews of new media releases.

Akhente Teele o itse hore ebe temana ea leshome (Clause 10) ea litumellano tsa linaha tsa selekane sa moruo hloahloeng e ka boroa ho Afrika (SADC) holim’a ho etsa namo mathateng a Lesotho a lipolotiki e ile ea nkoa e se molaong ke lekhotla la molao oa motheo la Lesotho, ha ho bolele hore ho lahloe ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe. “Ha se boikarabello hore ebe mochochisi o tsitlallela ho kenya liqoso a sa natse hore ho sa ntsane ho emetsoe maipiletso.”

Empa h’a hanyetsa mabaka ana, ea buelellang ba ‘muso, Akhente Christopher Lephuthing o itse hantle mona baqosuoa ha ba hanyetse ho qosoa, empa ba hanyetsa ho kenyeletsoa liqosong le ba bang.

Leha holejoalo, moahloli e moholo Sakoane Sakoane o il’o imamella mabaka a tekiloeng, ‘me o tla fana ka kahlolo ha morao.

Benghali Metsing le Mochoboroane ba ile ba fuoa liqoso, ‘me hoa ntšoa lengolo la hore ba tšoaroe ka khoeli ea Tlhakola monogoaha, ka teko ea ho liea ‘muso. Empa ba ile ba phephetsa qoso eo makhotleng ho ea fihla lekhotleng la molao oa motheo moo ba neng ba re ha ba ea tšoanela ho qosoa hona joale pele ho lenane la naha la tlhopho bocha, kaha litumellano tse tsoetseng hore ebe ho etsoa tlhopho bocha li kenyeletsa temana (Temana ea leshome – clause 10) e reng bohle ba se qosoe hoa nakoana ho fihlela lephethoho molaong oa motheo, makhotleng, mabothong a tšireletso le tse ling li phethetsoe.

Empa lekhotla la molao oa motheo le ile la ba qhalla matsoho ka hore temana eo ea litumellano tsa SADC ha e molaong.

Khoeling ea Pulungoane e itse nakong eo mochochisi a reng joale o ba hlahlela ka khotla, ba khutlela lekhotleng ho ea phephetsa matla le katamelo ea mochochisi liqosong tsena tse ba tobileng.

Ba kopa lekhotla hore le hlahlobe matla a mochochisi e moholo oa ‘muso tlasa temana ea molao oa tsamaiso ea linyeoe tsa litlolo tsa molao le bopaki temaneng ea 144. ‘Me ba re mochochisi a tšoare lipere hanyane ka ho ba qosa ha ba ntse ba emetse qeto ea lekhotla holim’a kopo ena ea bona.

Taba ena ea liqoso tsa ‘mommori oa ho liea ‘muso ea benghali bana e bakile lerata le leholo kantle le kahare ho naha ea Lesotho. Lekhotla la bobeli ka boholo ‘musong oa kajeno oa kopanelo(DC) le se le ile la ema mapatlelong la phatlalatsa hore ha le ikamahanye le hore benghali ba qosoe, haholo nakong eo ho emetsoeng hore naha e kene lenaneng la ho fetola litaba tsa tsamaiso ea puso (National Reforms).

Lekhotla le leholo la bohanyetsi Lesotho la Kopano ea Sechaba (AD) le eteletsoeng pele ke monghali Monyane Moleleki, le lona le makaletse nako eo benghali bana ba qosoang ka eona le hore liqoso ka botsona ha li molemong oa khotso ea sechaba sa Basotho. AD e ipilelitse hore ho emisoe hang hang ka liqoso tsena kaha e bile ke tsa sepolotiki.

Share the story

METRO WEATHER FORECAST