sesotho

Aug. 25, 2020

KA BAQOLOTSI BA RONA

2 min read

Mokhosi o hopola phafa ea mapolesa

Mokhosi o hopola phafa ea mapolesa

Monghali T’seliso Mokhosi, motlatsi oa moetapele oa Lesotho Congress for Democracy (LCD)

Story highlights

    Setopo sa Khetheng se ne se epolloe lebitleng la malahleha Lepereng, Maseru kamor’a hore a nyamele.
    Kamor’a ho hlaha khotla o bile a fetoha mophaphathehi ’moho le moetapele oa lekhotla, Mothetjoa Metsing.

Metro Audio Articles

Catch our weekly audio news daily only on Metro Radio Podcast News.

listen now

Motlatsi oa moetapele oa Lekhotla la Puso ea Sechaba ka Sechaba (LCD), Ts’eliso Mokhosi o tiisa hore mapolesa a mo tokholitse hoo a neng a bonela lefu haufi h’a ntse a le litlamong pele a hlaha khotla.

Mokhosi ke letona la mehleng la sesole, ’me o qosoa ka pelaelo ea ho kenya letsoho lefung la Police Constable Mokalekale Khetheng.
Setopo sa Khetheng se ne se epolloe lebitleng la malahleha Lepereng, Maseru kamor’a hore Khetheng a nyamele ka mohlolo litlamong tsa sepolesa Hlotse, Leribe.Mapolesa ao Mokhosi a reng a ne a nyakalletse nakong eo a ntseng a bokolla ke bohloko ba ho hlokofatsoa, o re a ne a batla hore a itlame hore o kentse letsoho lefung leo.

Enjoy our daily newsletter from today

Access exclusive newsletters, along with previews of new media releases.

“Ke ne ke finnoe sekolokoto maoto le matsoho ke fasellelitsoe holimo ka moqala hore ke leketle ha ba ntse ba nkhakhatha joalo ba bile ba mpupetsa ka polasitiki e ts’etsoeng metsi eo ba neng ba nkoahetseng hlooho ka eona. Ba mpha taelo ea hore ke boloke ho otloa hoo e le lekunutu le hore ha ke etsa boitlamo khotla, ke re ke bolaile Khetheng,” Mokhotsi a rialo haufinyane h’a bua le balateli ba LCD.

Kamor’a ho hlaha khotla o bile a fetoha mophaphathehi ’moho le moetapele oa lekhotla, Mothetjoa Metsing. Leha ’muso le mekhatlo ea sechaba e lekile matsapa ohle hore Mokhosi le Metsing ba khutlele hae, ba boletse ha ba ntse ba ikutloa ba sa sireletseha ke ka hona ba ntseng ba robala mose ho Noka ea Mohokare, ha ba qetile mabaka a bona Lesotho.

Share the story

METRO WEATHER FORECAST