sesotho

Jan. 27, 2022

KA BAQOLOTSI BA RONA LE LENA

2 min read

Letsuka la bobolu le bipetsa lipuisano malibohong

Letsuka la bobolu le bipetsa lipuisano malibohong

Borokho ba Maseru, lelibiho le leholo lipakeng tsa Lesotho le Afrika Boroa

Story highlights

    Libukana tsa ho eta tsa Basotho tseo beng ba tsona ba li patallang, ha li hlahlojoe ho latela melao le tsamaiso ea maliboho.
    Basotho ba khothaletsoa ho fumana litokomane tse hlokahalang ha ba batla ho sebetsa kapa ho ithuta Afrika Boroa.

Metro Audio Articles

Catch our weekly audio news daily only on Metro Radio Podcast News.

listen now

Bobolu bo tlalehoang bo ntse bo etsahala malibohong a lipakeng tsa naha ea Lesotho le Afrika Boroa bo tlalehoa bo ntse bo ja setsi, sena se utolohile lipuisanong tsa letsatsi tse neng li le holim’a litaba tsa maliboho le bobolu seterekeng sa Mokhotlong.

Ba bileng teng kopanong ena e bile Dr Nkosazana Dlamini Zuma, ho tsoa Kwazulu-Natal, Afrika Boroa kamor’a kopo ea ’Musi oa Setereke sa Mokhotlong ho tsepamisa maikutlo holim’a litaba tsa bobolu bo etsahalang lelibohong la Sani Pass. Ho boetse ha eba teng sepolesa sa Afrika Boroa, se netefalitseng hore ho na le bobolu bo bongata bo etsahalang sebakeng seo,  ’me sa re boholo ba bobolu bona ho ama Basotho ba nang le tloaelo ea ho fa ona mapolesa chelete e le mokhoa oa ho ba koala molomo le ho fumana tumello ea ho kena naheng eo, eo ba lulang ho eona ka mabaka a fapakaneng.
Ke hona lipuisanong tsena moo ho hlahileng hore libukana tsa ho eta tsa Basotho tseo beng ba tsona ba li patallang, ha li hlahlojoe ho latela melao le tsamaiso ea maliboho. Mapolesa a bileng karolo ea lipuisano, a bontšitse hore liofisiri tse ikarabellang lefapheng la ba litšebeletso tsa maliboho li tsoelepele ka mosebetsi oa tsona ho netefatsa hore mofuta ona oa bobolu  li’a o loantša, li’a o hlola.
Monghali Nkosiyzwe Vezi a ipiletsa hore taba ea bobolu bo etsahalang malibohong e tlalehoe hang-hang ke ba mafapha a amehang.

Letsuka la bobolu le bipetsa lipuisano malibohong

Dr Nkosazana Dlamini Zuma oa Afrika Boroa

Enjoy our daily newsletter from today

Access exclusive newsletters, along with previews of new media releases.

A boela a ipiletsa ho Basotho ho fumana litokomane tse hlokahalang ha ba batla ho sebetsa, ho ithuta le ha ba batla ho etsa khoebo naheng ea Afrika Boroa e le ho qoba phallo le tjako tse seng molaong naheng eo.

A re bafallisi lelibohong la Sani Pass ba etse mosebetsi oo ba o tšepetsoeng hoo etsa, ho felisa bobolu bo ntseng bo etsahala. 
Monghali Vezi a hlalosa hore naha ea Afrika Boroa  le ea  Lesotho lia hlokana molemong oa baahi ba teng, ke ka hona ho leng bohlokoa ba hoba le litokomane tse hlokoang ke linaha tsena ka bobeli.
Ka lehlakoreng le leng, mongoli oa setereke sa Mokhotlong Monghali Serame Linake o kopile hore ho saloe morao bosholu, le ho senngoa ho phahameng ha lipasa tsa Basotho ha ba lutse Afrika Boroa ho feta nako e behiloeng. 
A ipiletsa ho baahi ba Lesotho ho etela liofisi ho fumantšoa litokomane tsohle tse hlokoang ke Afrika Boroa ho etsa hore bolulo ba bona bo be molaong.
Monghali Linake a leboha ba bileng lipuisanong ka maikutlo a bona, ’me a re likopano tse kang eo li hloka ho tšoaroa hangata ho  rarolla mathata a amang linaha tsena tse peli, e le ho loanela likamano tse ntle lipakeng tsa tsona. 
Kopanong ena ho lumellanoe hape ka litaba tsa bohahlaoli, thibelo ea bosholu le tse ling.

Share the story

METRO WEATHER FORECAST

Tailored for you