sesotho

Sept. 16, 2022

KA NKOATE THAMAE

3 min read

Mahali Phamotse hlathe e lelekisa tsebe

Mahali Phamotse hlathe e lelekisa tsebe

Dr Mahali Phamotse ka liphahlo tsa RFP

Story highlights

    Dr. Mahali Phamotse o hlalositse hore o sebetsa hantle le moetapele oa RFP monghali Ntsoakoane Matekane.
    Tokomaneng ea qoso, balli ba ile ba kopa lekhotla hore lethathamo la batho ba petlentsoeng le nkoe le se molaong.

Metro Audio Articles

Catch our weekly audio news daily only on Metro Radio Podcast News.

listen now

Mahali Phamotse, ea ileng a khothaletsoa ke bongata lebatooeng la Matlakeng ho emela lebatooa le joalo tlasa sekhele sa Thalaboliba (Revoluton for Prosperity – RFP), a mpa a hloloa lipotsong tsa komiti e kholo, kajeno hlathe e lelekisa tsebe kamorao hore e be e mong eo lekhotla le mo ahloletseng hore ebe mokhothaletsuoa.

“Ke sebetsa hantle le moetapele oa RFP,” ho rialo Dr Phamotse a bososela.

Dr. Mahali Phamotse o hlalositse hore o sebetsa hantle le moetapele oa RFP monghali Ntsoakoane Matekane puisanong e ikhethang eo a bileng le eona le koranta ea Motse-moholo (Metro) letsatsing la li 15 Loetse monongoaha.

Moqolotsi oa koranta ea Motse-moholo o ile a nonya mokhothaletsuoa enoa oa Matlakeng maikutlo kamorao hore e be e mong oa batho ba 16 ba ileng ba qosa RFP ba kopa lekhotla hore mokha o ba kenyelletse lethathamong la bakhothaletsuoa ba bahlano ba ileng ba hlola RFP ka nyeoe pejana mabapi le ho petlenyoa hoa batho ba khethiloeng ka lipalo tse tlaase papisong le tsa ba khothalelitsoeng ka tse ngata ho bao e tlang ho ba bakhothaletsuoa ba mabatooa.

Tokomaneng ea qoso, balli ba ile ba kopa lekhotla hore lethathamo la batho ba petlentsoeng le nkoe le se molaong le hore mabitso a bona a hlakoloe lenaneng la bakhothaletsuoa ba RFP komising e ikemetseng ea likhetho (IEC).

Mokhoa oa RFP o ne o ile oa bonts’a pejana li sa tloha motseng hore o tla sebelisa setla-bocha sa ho khetha bakhothaletsuoa ka mokhoa oa makhabane a ikhethang (meritocracy) e leng seo karolo e’ngoe ea litho tsa mokha li hlaositseng e le mokhoa oa ho nyenyefatsa khetho ea bakhethi pusong ea sechaba ka sechaba.

Ha hlalosa ntlha-kemo ea hae kahara RFP, Dr Phamotse o bonts’itse e ntse e le setho se matla se bileng se tsepahalang sa Lets’olo la Ntlafatso ea Moruo (kamoo RFP e ireneketsang ka teng) kamorao hore lekhotla le fane ka taelo ea hore bakhothaletsuoa ba khethiloeng ke sechaba likhethong tsa mathomo ka lipalo tse holimo e be bona ba tla emela likhetho. Dr Phamotse o itse moetapele oa hae o amohetse kahlalo ea lekhotla.

Enjoy our daily newsletter from today

Access exclusive newsletters, along with previews of new media releases.

“Ke rata ho u boella hore lets’olo la ho iketela likhetho tse akaretsang le tsamaea ka thello lebatoeng la Matlakeng ntle le ts’itiso ea letho. Ka lehloholono re na le moetapele ea etsang lintho tse bonahalang, kahona ke na le ts’epo e sa thekeseleng hore ka ts’ebelisano ‘moho le ntate Matekane, re tlilo atleha ho hapa lebatoa la Matlakeng likhethong tse akaretsang tsa monongoaha,”- a rialo Phamotse a nt’o phahella ka hore ba tla sebetsa ka thata hore sechaba se fumane lits’ebelletso le lintlafatso.

Dr Phamotse o ile a khethoa ke bakhethi ba 96 likhethong tsa mathomo lebatooeng la Matlakeng a nt’o lateloa ke ea mohlahlamang ka lifoutu tse 10 ha e mong a bile le tse 9.

Potsong ea hore na ke lebaka le feng le etsang hore bakhethi ba Matlakeng ba mokhothaletse ka lipalo tse holimo, Dr Phamotse o supile hore o sebetsa hantle le bakhethi ba lebatooa la Matlakeng. A mokhethoa ea hloahloa ke ea sekehelang lingongoreho tsa bakhethi tsebe leho fana ka litharollo le lits’ebelletso.

A eketsa ka hore: “Ho ts’epahalla sechaba nakong ea bohloko le litabeng tse thabisang ke e ‘ngoe ea lits’iea tse etsang hore bakhethi ba ts’epahalle mokhethoa oa bona.”

Dr Phamotse o ferile litaba tsa hae kahore ho fapana ka maikutlo moo batho ba tsekang litokelo tsa bona ke ntho e amohelehang pusong ea sechaba ka sechaba. A re se lokelang ho tla pele ho lintho tsohle ke RFP, ho sebelletsa bo’ngoe molemong oa hore Matekane a hape likhetho tse tlang ka lipalo tse holimo.

Dr Phamotse ke motho ea tsebahalang ka ho ithukkubetsa ka setotsoana ho ntlafatsa leho tsosollosa moea oa lipapali ho bacha ba lebatooa la Matlakeng, kaho hlophisa litlholisano tsa boemo bo holimo tsa bolo ea maoto leka ho fana ka limpho ho lihlopha tse ipabolang lipapaling.

Share the story

METRO WEATHER FORECAST